Weeds (Maize) 									SESOTHO



Ho laola mahola ka katleho



Instructions: 

Folio strap:Taolo ya lehola

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenanelo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos	

Photo 1: Semela se fokolang sa poone: bona ka moo mahola a sentseng ka teng.

Photo 2: Taolo e fokolang ya mahola; bona ka moo poone e leng tshehla le ho fokola ka teng.

Photo 3: Habore e hlaha e fumanwang korong. Sheba semela se sesweu, se seleletsana sa habore e hlaha, ebe o sheba mahola a makgutshwanyane a mmala wa kgauta.

Photo 4: Yellow Nut Sedge e fumanwang masimong a poone.



Bolemi bo dula bo ena le phephetso, mme hang ha ke nahana hore ho lekane, bohle ba utlwile ka taolo ya mahola, ke ile ka etela masimo moo ke ileng ka fumana mahlomola a maholo a bakilweng ke mahola, haholoholo a kang Yellow Nut Sedge, Uintjies le Monakaladi. 



Ntle le taolo e nepahetseng le e phethahetseng ya mahola, o ke ke wa kgona ho hlahisa dijothollo tse tla o tlisetsa phaello ka nako e telele. Mahola ke sera sa hao – mahola a hlodisana le dijothollo tsa hao mabapi le metsi, menontsha, sebaka le kganya. Ditjeo tsa tlhahiso ya dijothollo di phahame hoo o ke keng wa kgona ho dumella mahola ho sebedisa manyolo ao o a reretseng dijothollo tsa hao. 



Mokgwa o motle ka ho fetisisa taolong ya mahola ke ho a thibela hore a se hole. Ha o a tlohela hore a hole, o tla tlameha ho a laola a se a le maholo, mme nakong eo a tla be a entse tshenyo e kgolo dijothollong tsa hao. Katleho temong ya dijothollo e laolwa ke taolo e atlehileng ya mahola.

 

Tseba mahola a hao 

Ha o sa tsebe sera sa hao, o sitwa ho se lwantsha ka katleho. Ha o fumana masimo a matjha ao o sa a tsebeng, ka nako e nngwe ho boima ho tseba mofuta wa mahola a tla ba teng moo. Le ha ho le jwalo, ka mora sehla sa pele masimong afe le afe, o tla tseba mahola a leng teng moo, mme o tshwanetse ho kgona ho a thibela hore a se hole. O tshwanetse ho tseba hore na mahola ke a lehlaku le sephara kapa le lesesanyane. Ke hantle ha o tseba mabitso kaofela a mahola a bileng teng masimong a itseng hobane o tla kgona ho fumana keletso mabapi le mokgwa o hlwahlwa wa ho laola mofuta ka mong.

 

Rera maqheka a ho laola mahola pele ho sehla sa ho jala

Ha eba o sebedisa mokgwa wa ho laola mahola ka metjhine, etsa bonnete hore mokgwa ka mong o sebediswang (wa ho phethola mobu pele kapa hamorao) o bolaya mahola ka ho phethahala. Hlokomela hore tines tsa sesebediswa di palamana ka nepo hodimo e le hore o se siye dibanka tsa mahola a sa ntshwang. Ha eba masimo a le mongobo haholo moo o lemang ka sepheo sa ho ntsha mahola, hopola hore mahola a ka nna a boela a lemellwa hape mobung o jwalo, mme yaba a boela a hola hape. O tshwanetse ho ba le bonnete nako e sa le teng hore ke dibolayalehola (herbicides) dife tseo o tla di sebedisa pele o jala. O tla tshwanela ho tiisa hore sefafatsi (sprayer) sa hao se sebetsa hantle, le hore PTO ya terekere e a sebetsa, le yona pressure gauge hammoho le melongwana (nozzles) e tshwanang, e dumellanang. 



Fumana keletso ho ditsebi 

Ba teng batho ba tsebang haholo ka taolo ya mahola. Hopola hore taolo ya mahola e phahameng haholo ka theko ke e sa sebetseng. Ho ka nna ha etsahala hore o se lefe tjhelete, empa qetellong o tla lahlehelwa ke tjhelete e ngata e lokelang ho kena.

 

Pele o jala

Sebolayalehola se akaretsang, se sa kgetheng, se ka sebediswa (jwalo ka Roundup kapa Gramoxone), kapa masimo a ka hlwekiswa ka metjhine. Hopola hore ha re bua ka sebolayalehola se sa kgetheng re bua ka se bolayang semela se seng le se seng se setala se leng masimong. Hlokomela haholo ha o sebedisa dibolayalehola tsena hobane hang ha o se o fafaditse, ha ho seo o ka se etsang ho tlosa khemikhale e sebedisitsweng. 



Ha ho se ho jetswe

Hoba ho jalwe, ho ka sebediswa sebolayalehola sa pele peo e mela mobung, e leng se ngodisitsweng ka ho qolleha ho lwantsha mahola a kgathatsang sejothollo se itseng ka ho qolleha. Lehola la Nut grass ruri le baka mathata, mme ha le bonolo ho fediswa. Ka lehlohonolo, Yellow Nut Sedge le ka laolwa ka katleho pooneng le mabeleng ka ho sebedisa Servian (sehlahiswa mefuteng ya Syngenta). Dibeke tsa pele tse tsheletseng bophelong ba dijothollo ke tsa bohlokwa ka ho fetisisa taolong ya mahola – tlhodisano ya mahola mehatong ya pele e simollang e na le kgahlamelo e mpe haholo kunong e tla latela.



Nako ya ho sebedisa dibolayalehola

Mahola a tshwanetse ho laolwa a sa le manyane, a sa ntse a hola ka mafolofolo, pele a hlodisana le semela. Ka mehla mahola a tshwanetse ho laolwa pele a etsa peo. Ha mahola a se a entse peo, peo eo e tla mela, mme e mpefatse maemo le ho feta. Tlhodisano pakeng tsa dijothollo le lehola e ama kuno ya dijothollo. Le nakong eo masimo a tlohetsweng feela, a sa etswe letho, masimo a ntse a tshwanetse ho dula a se na mahola. Peo ya lehola e manganga, mme e kgona ho dula nako e telele le ho hola ha maemo a eba matle.



Taolo ya mahola ka dikhemikhale

Taolo ya mahola ka dikhemikhale e na le melemo e mengata:

Ke mosebetsi o potlakang – ho feta wa metjhine. 

Ha masimo a le mongobo, terekere e hulang sefafatsi e potlaka ho kena masimong ho feta e hulang sesebediswa se lemang.

O ka laola mahola pele a hlaha mobung, mme wa kgona ho thibela tlhodisano efe kapa efe.

Sefafatsi se ka fihlela mahola kaofela le ho a bolaya kaofela. Hangata mahola a leng meleng ya dijothollo a tlohelwa moo ha ho qetwa ho lengwa.

Ke mokgwa o baballang mosebetsi – dibakeng tse ngata tsa Afrika Borwa, ho ntsha mahola ho etswa ka matsoho. Ona ke mosebetsi o boima haholo. Bothata bo bong ke hore sehla se sebe sa lehola se nakong ya Keresemese le Selemo se setjha, e leng nakong eo ka yona batho ba leng botswa ho sebetsa. Hang ha matsatsi a phomolo a fetile, ke nako eo mahola le ona a tswileng taolong ka yona, mme le tshenyo e seng e etsahetse. 



A re sebetseng mmoho ho etsa hore selemo sa 2010 e be “Selemo sa Lehola le Siyo”. Ha re tsepamisa maikutlo ntlheng ena e le nngwe, ke a tiisa hore re ka nna ra atleha.

